Skip to main content Accessibility help
×
Hostname: page-component-848d4c4894-nr4z6 Total loading time: 0 Render date: 2024-05-12T22:16:48.525Z Has data issue: false hasContentIssue false

Karolo ya Pele

Published online by Cambridge University Press:  20 January 2022

Get access

Summary

Ho hlaha diboni tse pedi. Ke banna ba tsofetseng, ba tsamayang ba ikokotlela ka mare. Le ha ba bua, ba bua ba itshetlehile ka mare.

Moboni: Maobane, kajeno le hosasa! Ngwahola, monongwaha le isao!

Ke rona ba ithetsang ka ho arola nako dikotwana.

Nako ke noka e sheshang feela, e phatlaletseng, e ke keng ya arolwa dikoto le dikotwana.

Kajeno re a arola: re bua ka maobane, le ka hosasa.

Monongwaha re a hetla: re bua ka ngwahola le ka isao.

Empa hosasa le isao re tla be re bua kang?

Seboni: Hosasa, kajeno e tla be e le maobane, hosasa e le kajeno.

Isao, monongwaha e tla be e le ngwahola, isao e le monongwaha.

Kajeno le maobane e tla be e le ntho e le nngwe.

E tla be e le nako e fetileng, e sa kgutleng.

Kamoso? Kamoso hosasa e tla be e le maobane.

E tla be e le ntho e le nngwe le kajeno le maobane.

Hosasa, kajeno, maobane, tsena e tla ba ntho e le nngwe:

Nako e fetileng, metsi a pha.

Moboni: Rona? Rona ba kajeno? Rona re tla ba eng? E, le rona re tsamaya le matsatsi a rona.

Re a sesa re bile re theoha le metsi a noka ya nako.

Re ka ikarola dikoto le dikotwana jwalo ka nako,

empa re a ithetsa: hobane wa hosasa le kamoso, wa maoba le maobane, wa kajeno: bana kaofela ke ba nako e le nngwe, nako e sa arolweng.

Ba ntse ba tshwana hobane botho bo ho bona bo bong.

Diphoso tsa kajeno ke tsa hosasa, tsa maobane tsa kajeno.

Seboni: Ha ho le jwalo na ha re ithuta tsa maobane re ke se pheme tsa hosasa re eso di etse? Jwale ka ha nako e le nngwe, e le noka,

Ho a tshwaneleha hore re phahamise mahlo,

Re lelalle hodimo mabopong ao noka e seng e a fetile,

Re lekole, re shebe tse etsahetseng teng. Mohlomong mona le mane re tla bona

lejwe la kgopotso, la se etsahetseng kgalekgale;

Se ka nnang sa etsahala kajeno kapa hosasa.

Kgopotso tse jwalo di re hopotsa bobe boo re ka bo phemang,

kapa bona botle boo re ka bo phetang hape.

Type
Chapter
Information
Senkatana , pp. 1 - 3
Publisher: Wits University Press
Print publication year: 1952

Access options

Get access to the full version of this content by using one of the access options below. (Log in options will check for institutional or personal access. Content may require purchase if you do not have access.)

Save book to Kindle

To save this book to your Kindle, first ensure coreplatform@cambridge.org is added to your Approved Personal Document E-mail List under your Personal Document Settings on the Manage Your Content and Devices page of your Amazon account. Then enter the ‘name’ part of your Kindle email address below. Find out more about saving to your Kindle.

Note you can select to save to either the @free.kindle.com or @kindle.com variations. ‘@free.kindle.com’ emails are free but can only be saved to your device when it is connected to wi-fi. ‘@kindle.com’ emails can be delivered even when you are not connected to wi-fi, but note that service fees apply.

Find out more about the Kindle Personal Document Service.

Available formats
×

Save book to Dropbox

To save content items to your account, please confirm that you agree to abide by our usage policies. If this is the first time you use this feature, you will be asked to authorise Cambridge Core to connect with your account. Find out more about saving content to Dropbox.

Available formats
×

Save book to Google Drive

To save content items to your account, please confirm that you agree to abide by our usage policies. If this is the first time you use this feature, you will be asked to authorise Cambridge Core to connect with your account. Find out more about saving content to Google Drive.

Available formats
×