Skip to main content Accessibility help
×
Hostname: page-component-848d4c4894-pftt2 Total loading time: 0 Render date: 2024-06-06T12:07:39.860Z Has data issue: false hasContentIssue false

Lebala la Boraro

Published online by Cambridge University Press:  20 January 2022

Get access

Summary

Senkatana o ka tlung jwalo ka 1(2). O dutse a shebile ka pele ho yena. Ho bonahala ka ho qhalaka matsoho hore o a nahana. Ho sa le jwalo ho kena mmae ka letsohong le letshehadi. Empa ha a mmone ha a kena. Mmae o a ema hoba a kene, mme o sheba mora. O bona kamoo a ntseng a nahana kateng. Kamora metsotswana Senkatana o elellwa hore motho o teng. O a hetla mme o bona mmae.

Senkatana: Ho jwang he, mme? O a bona hore ke ne ke bolela nnete ha ke re thabo ya nnete e fumanwa ha ba bangata ba nyakalletse. Na o ikutlwa o thabile ha e le mona ka hohle e le nyakallo na?

Mmaditaolane: Potso eo ke e lebisa ho wena.

Senkatana: Nna ke tla nyakalla ha eba wena o nyakalletse.

Mmaditaolane: Hona jwale ha ke kena mona se neng se o nahantsha, se etsa hore o qhalake matsoho, ke hobane ke sa thaba? O ne o tsebile jwang hore ha ke a thaba o eso mpone?

Senkatana: Ke ne ke ntse ke nahana hore mohlomong o maswabing hobane o le mahlomoleng. Ke a tseba hore le wena o ne o lebelletse hore hara bohle ba pholositsweng o tla fumana ntate. Le nna ke ne ke lebelletse jwalo, empa madimabe e bile a rona. Empa le ha ho le jwalo re tshwanetse ho nyakalla le ba bang.

Mmaditaolane: Ngwanaka, ba bang lefatsheng mona mahlomola ba phela le ona ka mehla. Le rona re jwalo, ekare re phelela ona feela. Ha e le lefu la ntatao nka be ke itokiseditse ho le lebala. Ke itshedisa ka hore ke na le mora ya tla nka sebaka sa hae, ya tla phetha mesebetsi yohle e neng e le ya ntatae. Empa ke bona hore le ona matshedisonyana a ka ke tla a amohuwa …

Senkatana: Ha ke utlwisise hantle seo o se bolelang mme.

Mmaditaolane: Moya wa ka o a tshwenyeha. Ke wena feela ya ntshaletseng hona jwale. Ke wena thaka ya leihlo la ka. Ha ho ka lahleha thaka ya leihlo la ka e tla ba le ile, matla a ho lona e tla ba a ile.

Type
Chapter
Information
Senkatana , pp. 34 - 38
Publisher: Wits University Press
Print publication year: 1952

Access options

Get access to the full version of this content by using one of the access options below. (Log in options will check for institutional or personal access. Content may require purchase if you do not have access.)

Save book to Kindle

To save this book to your Kindle, first ensure coreplatform@cambridge.org is added to your Approved Personal Document E-mail List under your Personal Document Settings on the Manage Your Content and Devices page of your Amazon account. Then enter the ‘name’ part of your Kindle email address below. Find out more about saving to your Kindle.

Note you can select to save to either the @free.kindle.com or @kindle.com variations. ‘@free.kindle.com’ emails are free but can only be saved to your device when it is connected to wi-fi. ‘@kindle.com’ emails can be delivered even when you are not connected to wi-fi, but note that service fees apply.

Find out more about the Kindle Personal Document Service.

Available formats
×

Save book to Dropbox

To save content items to your account, please confirm that you agree to abide by our usage policies. If this is the first time you use this feature, you will be asked to authorise Cambridge Core to connect with your account. Find out more about saving content to Dropbox.

Available formats
×

Save book to Google Drive

To save content items to your account, please confirm that you agree to abide by our usage policies. If this is the first time you use this feature, you will be asked to authorise Cambridge Core to connect with your account. Find out more about saving content to Google Drive.

Available formats
×