Skip to main content Accessibility help
×
Hostname: page-component-848d4c4894-p2v8j Total loading time: 0.001 Render date: 2024-05-27T01:50:57.241Z Has data issue: false hasContentIssue false

Lebala la Pele

Published online by Cambridge University Press:  20 January 2022

Get access

Summary

Bulane le mosadi wa hae ha dutse ka lapeng mme ba a bua. Bulane o dutse hodima kutu ya sefate pela lebota. Mmadiepetsane, mosadi, o adile moseme pela lebota le shebaneng le leo Bulane a dutseng pela lona.

Mmadiepetsane: Jwale, ntate, o tsamaile jwang mosebetsing ola oo re neng re bua ka wona?

Bulane: Ke hona ke ntseng ke leka ho kopanya batlatsi ba tla nthusa. Ke ba lebelletse hona jwale. Mosebetsi o jwalo ha o phethwe ke motho a le mong, ho hlokahala batlatsi.

Mmadiepetsane: Tseo re a di tseba. Empa ke hore nako ena kaofela o ntse o dikadika o re o batla batlatsi? O lenama hakaakang mosebetsing oo? Hle mesebetsing e meng o hle o phakise?

Bulane: Ke mesebetsi efe eo ke hleng ke phakise ho yona?

Mmadiepetsane: O batla ke be ke e bolele? Nkeke. Empa hona jwale ha ho ka thwe ‘kgomo ke tsena, tsamaya o yo batla mosadi wa bobedi,’ o ka tlola matjato!

Bulane: Banna, mosadi eo o a kula! Ke itse ke batla mosadi wa bobedi! Ke a bona o etswa ke hona hobane ke hloka mosadi wa bobedi eo nka o bakisang ka yena ha hlooho ya hao e sila. Haese ke simolle ke ipatlele!

Mmadiepetsane: Ke tsebile hore ke sona se pelong ya hao. Rona ba bang ha re robale, re sesa masiu re nahana maqheka ao re ka o hodisang ka ona, ra o etsa motho ya hlomphuwang ke batho kaofela, motho ya nang le seriti, motho ya okametseng setjhaba sena se hlokang modisa ya nepahetseng. Empa bakeng sa hore o re thuse, re lwane ntwa ena mmoho, ke moo o nahanang sethepu, ntho e sa tlo o thusa ka letho.

Bulane: Ke mang ya nahanang sethepu? Ha ke re ke tena ke bua ka sona tjena ke hobane o nkeme kamorao. Hape ha se bile ha se hore o batla ho phahamisa nna, o mpa o batla hore ke tswele pele ka morero o mobe ona hobane feela o hloile mma Senkatana. Le yena ha o tsebe hore na o mo hloetseng, ke hobane feela ntatae le ntatao bane ke ba qabana. O mpa o batla ho iphetetsa feela. Ke pelo ya hao e mpe.

Type
Chapter
Information
Senkatana , pp. 40 - 46
Publisher: Wits University Press
Print publication year: 1952

Access options

Get access to the full version of this content by using one of the access options below. (Log in options will check for institutional or personal access. Content may require purchase if you do not have access.)

Save book to Kindle

To save this book to your Kindle, first ensure coreplatform@cambridge.org is added to your Approved Personal Document E-mail List under your Personal Document Settings on the Manage Your Content and Devices page of your Amazon account. Then enter the ‘name’ part of your Kindle email address below. Find out more about saving to your Kindle.

Note you can select to save to either the @free.kindle.com or @kindle.com variations. ‘@free.kindle.com’ emails are free but can only be saved to your device when it is connected to wi-fi. ‘@kindle.com’ emails can be delivered even when you are not connected to wi-fi, but note that service fees apply.

Find out more about the Kindle Personal Document Service.

Available formats
×

Save book to Dropbox

To save content items to your account, please confirm that you agree to abide by our usage policies. If this is the first time you use this feature, you will be asked to authorise Cambridge Core to connect with your account. Find out more about saving content to Dropbox.

Available formats
×

Save book to Google Drive

To save content items to your account, please confirm that you agree to abide by our usage policies. If this is the first time you use this feature, you will be asked to authorise Cambridge Core to connect with your account. Find out more about saving content to Google Drive.

Available formats
×