Pelo
Published online by Cambridge University Press: 20 January 2022
Summary
PELO ke setho se seng seholo hakalo mmeleng wa motho empa se hlokahalang haholo hoo motho a sitwang ho phela ha se le siyo. Re tseba ka ho otla ha yona hore motho o sa phela. Ha e se e otla hanyenyane le teng re a tseba hore bophelo ha bo sa le matla, lebone le se le rata ho tima. Teng ha e se e eme, re tseba hore e se e le maobane. Ke setho se hlokahalang haholo mmeleng empa se leng thata ho phekolwa. Hangata ha dingaka di re motho o na le lefu la pelo, eba re se re dula ka matswalo a hore eo o se a ntse a re siile.
Ho otla ha pelo ha ho re bolelle feela hore motho o sa phela, ho ka nna ha re bolella ntho tse ding tse ngata. Pelo ka nako e nngwe e a bolela ha monga yona a tshohile. O ka fumana e otla haholo e bile e ka e tla tswa pakeng tsa dikgopo. Ha se feela e yeng e re leshodu le ipatile hamonate, batho ba sa le bone, mohlomong ba se ba bile ba le tetse, ba tshohe le se le re rao, le bile le baleha, e le hobane le utlwile pelo ya lona e otla haholo hoo le bileng la kgolwa hore batho ba a e utlwa!
E matla pelo. Ha se feela le rona Basotho re buang haholo hakana ka yona. Ha motho a eja, dijo di sa theohela hantle, a utlwa a feroha dibete, o re: “Dijo tsena ha di a theohela hantle. Di ntutse pelong,” kapa “Pelo ya ka e a nyeka” Mohlomong pela rona ho dutse monyollo, ntho e sa kgoreng, e ntseng e dihella feela tjena, e jang e hlahlile mahlo jwale ka ha e ka dijo di a baleha. Re a nyemotsana, mme ha a qala a re pote, e mong o re: “Kgele, ke ho pelokgolo hakaakang hoo, banna!”
Le thabong, moo re nyakaletseng, re ntse re bua ka yona, esita le mahlomoleng. E ka sitwa ke eng ho hlaha puong tse jwalo, athe thabo le maswabi ke mahlakore a mabedi a bophelo ba rona?
- Type
- Chapter
- Information
- Pelong ya Ka , pp. 1 - 4Publisher: Wits University PressPrint publication year: 1962