Lefu
Published online by Cambridge University Press: 20 January 2022
Summary
MONNA e mong wa batho o ne a palame baesekele mme ka mora hae ho etla motorokara. Le yena ha a se a botswa o re ha a tsebe na hone ho etsahale jwang. Empa ka ho panya ha leihlo a iphumana a se a le fatshe; a phakisa a re kgwapho, a kgasetsa ka thoko ho tsela. Ha a kgasa jwalo ya be e se ntse e le letswitswi la mabidi a motorokara kamorao. Wa fihla wa phathahanya baesekelenyana ya hae, hoo le yena a ka beng a shwele hoja a se ke a kgasa, a etsisa ba mona bao ereng motho wa bona ha a re fatshe motlo, a beng a imamele hanyenyane.
Ha a phema tsietsi ena ho ne ho ena le batho ba bangata ba tsamayang ka thoko ho mmila, empa ya ileng a makatsa batho ke setloholonyana se seng sa Eva se ileng sa re feela:
“Kgele, motho a tla a ipolokela le leng lefu!” Ke hore ka hohle ya nna ya eba
“Mosadi eo o a loya!” “Ha a tsebe ntho eo a e buang! O a phofa!” E mong: “O batla phafa feela. Hoja hase makgoweng nna nka be ke se ke le hodima hae!” E mong: “Le mpa le imakatsa feela. Ke mokgwa wa bona, ba jwalo basadi.”
Mme ke nnete ho jwalo. Ha leloko la Eva le tseba nnete, le e phofaka feela le sa kgathale hore e tla kgopisa batho ba bang kapa tjhe, jwalo ka ngwana. O ne a tseba hore lefu ke thohako (ke hore ha eba e hlile e le yona), thohako ya rona, mme ha ho kamoo re ka e phemang kateng. Ha re hlola lena re ipolokela le tlang, hwalojwalo. O ne a pheta yona nnete ena feela, a mpa a e pheta se Eva.
Tshepe e a lla. Ha e lle sa mehla ha e re bitsetsa thapelong kapa tshebeletsong. E a lla e a thola; e a lla, e a thola. Ha e lla jwalo e fedisa lerata hohle motseng. Le bashanyana ba ntseng ba raha bolo ba a emisa. Ha ba emise hobane e le phupu, ba mpa ba tseba hore ha ba ka bonwa ba sa tla e hata hodimo hae mantsiboya, kapa sekolong tsatsing le hlahlamang. Hohle ho thotse motsaneng.
- Type
- Chapter
- Information
- Pelong ya Ka , pp. 16 - 21Publisher: Wits University PressPrint publication year: 1962