Book contents
- Frontmatter
- Dedication
- Selelekela
- Introduction
- Tse eteletseng pele
- Dibapadi
- Karolo ya Pele
- Lebala la Pele
- Lebala la Bobedi
- Lebala la Boraro
- Karolo ya Bobedi
- Lebala la Pele
- Lebala la Bobedi
- Lebala la Boraro
- Karolo ya Boraro
- Lebala la Pele
- Lebala la Bobedi
- Lebala la Boraro
- Karolo ya Bone
- Lebala la Pele
- Lebala la Bobedi
- Lebala la Boraro
- Karolo ya Bohlano
- Lebala la Pele
- Lebala la Bobedi
- Lebala la Boraro
Lebala la Pele
Published online by Cambridge University Press: 20 January 2022
- Frontmatter
- Dedication
- Selelekela
- Introduction
- Tse eteletseng pele
- Dibapadi
- Karolo ya Pele
- Lebala la Pele
- Lebala la Bobedi
- Lebala la Boraro
- Karolo ya Bobedi
- Lebala la Pele
- Lebala la Bobedi
- Lebala la Boraro
- Karolo ya Boraro
- Lebala la Pele
- Lebala la Bobedi
- Lebala la Boraro
- Karolo ya Bone
- Lebala la Pele
- Lebala la Bobedi
- Lebala la Boraro
- Karolo ya Bohlano
- Lebala la Pele
- Lebala la Bobedi
- Lebala la Boraro
Summary
Ka tlung ha Bulane. Banna ba habo Bulane ba teng kaofela mme ba dutse fatshe. Ka pele ho bona ho dutse yena Bulane mme ba dutse ba shebile yena.
Bulane: Ba heso, e se e le nako re qadile mosebetsi wa rona mme ho a re lokela hore re bone hore na ditaba di eme jwang, le hore mosebetsing wa rona re tsweletse jwang. Nna banna ba bangata bao ke buileng le bona ke fumane ba dumellana le nna ka hore ditaba tsa setjhaba ha di tsamaiswe ka toka. Ba lla ka dikahlolo tsena tseo ekang tsa masea, tsa mantlwantlwaneng, mme ba bona jwalo ka ha ke ba bolella hore setjhaba se ya timelong ha dintho tsena di ntse di tswela pele …
Hlabakwane: Jwang?
Bulane: O re jwang jwalo ka ha eka ha o kgolwe?
Hlabakwane: Tjhe, ke re o hlalose re tle re bone hore na o fela o ba file mabaka a nnete a kgodisang.
(Ba bang ba a tsheha)
Bulane: Hobane ha dintho tsena di ntse di tswela pele setjhaba se tla senyeha, se tla tlala bokgopo, se tlole melao ya baholoholo ba rona, melao e ke keng ya tlolwa feela mme sa se ke sa otlwa ke badimo ka kotlo ya nnete e boima. Ha setjhaba se tlola melao jwalo ka kgomo e kenang masimong, na re ka re se na le modisa? Ha re sa se pholose re tla timela le sona.
Hlabakwane: Tjhe, efela o buile tsona, weso! O ka itholela jwale.
Marailane: Ekaba wena Hlabakwane o buile difeng tse hlileng di kgodisang, ha o botsa ba bang tjee?
Hlabakwane: Ha o phete tsa hao pele keng, ke tle ke qetele?
Marailane: Ho tla qetela wena hobaneng?
Hlabakwane: Jonna wee! BoMarailane ha ba sa tseba hore seo banna ba se nahanang se tla pele ho se nahanwang ke basadi. Hape ho qetellwa ka tsa methepa ha eba ha o tsebe. Bua, monna, o tswe o utlwa hore na ke itseng ho bokgomohadi.
Marailane: Nna ke hlile ka re Senkatana le mmae ke baloi, le kgodumodumo e ne e ntse e le phoofolo ya boloi ba bona! Ha e ne e se sebopuwa sa bona, mma Senkatana yena e ka be e mo tlohelletseng ha e metsa batho?
- Type
- Chapter
- Information
- Senkatana , pp. 63 - 69Publisher: Wits University PressPrint publication year: 1952