Sepetlele
Published online by Cambridge University Press: 20 January 2022
Summary
BATHO ba bangata ba tshaba sepetlele haholo hoo motho a yeng a dule hae bohloko bo be bo je setsi mme a fihle sepetlele a se a sa itsebe, a be a makale hore na o ne a fihla jwang teng, mohla a hlaphohelwang haeba a hlaphohelwa. Hoba bongata ba bona ke bo yang sepetlele feela ho ya shwela teng, ho ya atisa palo ya batho ba shwellang sepetlele, ho ya fa sepetlele lebitso le lebe la hore “Nnyeo le nnyeo ba ne ba shwele sepetlele; sepetlele se qeta batho,” empa nnete e le hore ba ipolaile e le bona ka ho se ye sepetlele nako e sa le teng. Sepetlele se a tshajwa. Ho batho ba bangata se emela ha ho se ho apolwa, ho apeswa, pobodi e se e sa fele: “Lethola o a kula, o se a bile a le sepetlele!”
Nako ya ho etela bakudi ha e bile ha e telele dipetleleng tse ngata. E ka ba hora kapa tse pedi feela. Mme hangata ha re kena ka nako ena re fumana ho hlakotswe hohle, ho hlwekile, ho alotswe hantle mme bakudi ba robaditswe mealong ya bona e mesweu hantle, e se e bile eka ba se ba ntse ba itokisetsa bongeloi. Ba bang ba bona ka nako ena ba a robala, leha eba ka dinako tse ding ba a be ba ntse ba tlolaka ba etsa lerata. Ba habo bona ba ba fumana ba itshwere hantle, ba robetse, ba sa sisinyehe le haholo, ba tshwana le bakudi ba nnete, leha ba bua ba bua eka ba kgathetse, ha ba na matla. Ha ke bua ka hona ke hopola monna e mong ya neng a ye a kule haholo ha a bona mosadi a kena. Ahle a kule, pobodi e bee nngwe e sele, a makatse bakudi ba bang le baoki ba sa mo tsebeng. Athe o mpa a etsa leqheka feela la ho ferekanya mosadi. Yena o ne a re ha a sa etse jwalo mosadi o tla mo hlodiya ka mafeela a tswang hae mme a tlohe a re ha e se a kgutle, a boele hae hobane o se a fodile leha dingaka tsona di eso bue jwalo.
- Type
- Chapter
- Information
- Pelong ya Ka , pp. 80 - 87Publisher: Wits University PressPrint publication year: 1962