Noka
Published online by Cambridge University Press: 20 January 2022
Summary
HA eso ke moeding wa Lesotho le Foreisetata. Ha ke qala ho hlaha mahlo ke ne ke se ntse ke tseba hore “Lesotho ke mose ho Mohokare mono.” E ne e le ntho eo ke e tsebang jwalo ka ho nwa metsi kapa ho ja dijo. E nee le ntho eo ke e tlwaetseng haholo. Mme ntho ha o se o e tlwaetse, ngwa neso, ha se hangata o ka e nahanang haholo. O qala ho e nahana haholo ha e nyamela kapa o fihla moo e leng siyo teng. Ha ke re le ntho ena e makatsang eo re e bitsang bophelo, re e tlwaetse hona hoo re sa e nahaneng? Empa mohla e mong wa rona a penang dieta, kc hona re ipotsang hore na hantle ke eng ena e tswileng ho yena.
Ho ne ho le jwalo he le ho nna. Ke ne ke sa nahane hore ho ka ba moedi o mong pakeng tsa naha tse pedi ha e se noka feela. Hoba ke ne ke se ke ile ka etela Koloni, ke tloha Foreisetata, mme le teng ka fumana letlapahadi la noka le bitswang Senqu e le moedi ha motho a tshelela Koloni. Hoba ke kgutle Koloni ka itokisetsa ho di thula Kgauteng, mme le teng ka fumana hore Transfala e arohantswe le Foreisetata ke Lekwa. Ka lemo se seng ka be ke leba kwana Natala ke hopotse ho ya bona lewatle. Ke ne ke tshepile hore ke tla bona moedi wa Natala le Transfala, kaha ke ne ke hlola ke utlwa motswalle e mong wa ka a re moedi ke lepolankanyana feela le ngotsweng “NATAL” ka nnqa e nngwe, “TRANSVAAL” ka ho e nngwe. Ke ne ke sa kgolwejwalo ka ha ke ne ke sa kgolwe se ngotsweng atlelaseng. Empa ka ba madimabe hobane terene e fetile teng bosiu.
Jwale maoba mona ke tswa tshoha hampe. Ke ne ke etela Swatsing. Ke ne ke tsamaya ka motorokara mme mmapanyana wa ka one o mpolella hore re se re atametse moedi, ka ba ka ema ka ntsha dipasa tsa ka hantle, ka nto tswela pele hape. Ka hloohong ya ka ka mona ke ne ke se ke bona noka, le borokgo, mme ka mose ho borokgo e le ntlo ya mapolesa, haufi le yona e le palo e kgwesitsweng folakga ya Swaziland.
- Type
- Chapter
- Information
- Pelong ya Ka , pp. 67 - 71Publisher: Wits University PressPrint publication year: 1962