Tlhahlobo
Published online by Cambridge University Press: 20 January 2022
Summary
HA ke lebale tlhahlobo ya pele eo ke neng ke e ngole bophelong ba ka. Ha ke bua ka hore ke ne ke e ngole, ha ke bue nnete hobane re ne re sa e ngole. Ke sa hopola hantle letsatsi leo, hobane ke lona letsatsi la pele leo ke le hopolang sekolong. Ke utlwa ke bolellwa hore ke ne ke ye sekolong le kgaitsedi ya ka, ke bapale teng. Ke a bona ke ne ke ithute hona ka yona nako eo, ke ntse ke bapala jwalo ka bo-a, e, i, o, u. Empa mohlang oo ke a bona e ne e le hona mohla ho elang mahlong mona. Ke sa hopola hantle ha ke utlwa lebitso la ka le bitswa mme re emiswa kantle. Re bolellwa hore re bale. Ke hopola hantle hore hona mohlang oo ke ne ke bone ditlhaku e se e le mantswe mme ke a bala habonolo. Le kajeno ha ke nahana letsatsi leo ke ye ke utlwe hore ka nnete mohlolo o ne o etsahale hona tsatsing leo. Ke eng ena e neng e le ka hloohong ya ka ka mona e entseng hore ditlhaku di bonahale e le mantswe, e leng hona hoo bana ba bang ba neng ha sitwa ho ho etsa? E seng mohlomong ke ne ke ena le ntho e nthusang ka hloohong ka mona, e “nkopiletsang?”
Hoba re bale tsa bo-none bo-kgaka le kgwale, ha thwe re etse mola, mme ka ba qetellong ya wona ka baka la “bolelele” ba ka. Ho tloha moo ra lebiswa tlung eo mosuwehlooho e rutelang teng. Ka thaba haholo ha ke bona kgaitsedi ya ka teng. Ka re mohlomong ke ne ke mpa ke tliswa ho yena. Mantsiboya ka makala ho qeta ha ke utlwa mosuwehlooho e bolella mme hore le nna ke tla hloka buka ya padiso. Lesela le ne le se le wele. Ke ne ke se ke fetile hlahlobo ya pele.
Ke kgale, ngwaneso. Ha dilemo di ntse di eya ka fumana tlhahlobo tse ding. Empa jwale ka boela ka fumana ho hong ho hotjha….letswalo. Ke letswalo la hore mohlomong o ka nna wa hloleha mosebetsing oo, haholo ha o ikutlwa hore o a fokola mosebetsing wa hao -mme ke mang ya ikgohomosang hoo a beng a ikutlwe hore yena wa hae mosebetsi o a o tseba?
- Type
- Chapter
- Information
- Pelong ya Ka , pp. 61 - 66Publisher: Wits University PressPrint publication year: 1962