Reisisi
Published online by Cambridge University Press: 20 January 2022
Summary
HABEDI kapa hararo ka selemo motsaneng wa heso, ha ke ntse ke hola, ho ne ho eba le mokete o moholo, o neng o ratwa haholo ke bohle Reisisi. Ha re ne re ka bala ditsebiso tse bolelang letsatsi la yona, re ne re sa le lebale, re ne re le hlolohelwa. E seng rona feela, hobane banana le basadi le banna bane ba leba teng, hoba e ne e le o mong wa mekete e seng mekae e nang le hona ho kgobokanya banana le bashanyana, basadi le banna hammoho. Ka batla ke lebala…. le bahlankana le barwetsana. (Bahlankana ba hlahang mapolasing ba ne ba shobedisa barwetsana ba mapolasing ha ho kgutlwa hona reisising.) E ne e le letsatsi le leholo, mme hae ho ne ho sala maqheku le bana ba banyenyane haholo feela.
Ditsebiso di ne di bolela hore dipere di tla mathela marikgwe, masolanka, ditiya, matlama esita le tsona disentenyana. Dipere tsona di ne di palangwa ke bashanyana feela, ba bang ba bile ba palama ba tenne ditsheha, haholo ba mapolasing. Empa meqato eo e ne e sa ba sitise ho siya ba tenneng marikgwe. Dipere tse ngata di ne di sa qhanehwe le ho qhanehwa, mme ere ha bashemane ba di palame o fumane maoto a leketlile feela, haholo ha eba ba palame mepukunyane. Di ne di sa qhanehwe, hobane diqhana tsa tsona di ne di tla ba boima, haholo ho mepukunyane, kaha le ho hlophuwa di ne di sa hlophuwe, ke re leha e le ka dilemo feela. Tse ding tsa tsona di ne di etla di palangwe ho tloha moo di tswang teng. Hona ho ne ho etsahala hobane beng ba tsona ba etla ba sa itokisetsa ho tla tla di jaha, empa ere ha ba se ba bona dihlaahlane tse ya jahwa o utlwe motho a se a re: “Tjhee ha eba ho ya matha tsena, le ena ya ka e ka nna ya ikela” Kahoo he di ne di matha di kopane feela, dihlaahlane le tsona dipere tsa madi. Empa o ne o ka di rata, le wena, ha o di bona di kgutla moo di tswa tloha teng.
- Type
- Chapter
- Information
- Pelong ya Ka , pp. 22 - 31Publisher: Wits University PressPrint publication year: 1962