Qetello
Published online by Cambridge University Press: 20 January 2022
Summary
HA motho a le leetong ho na le dintho tse ding tse tepeletsang, tse kgathatsang matla, tse ka etsang hore motho a utlwe ho le molemo ha a ka mpa a kgutlela morao moo a tswang teng. E nngwe ya tsona ke ho fetwa ke motorokara o mathang ka lebelo le leholo, le etsang hore ya tsa mayang ka maoto a bone hore ha ho seo a ntseng a se etsa, o ntse a ipapalla feela. Ho a tepeletsa hobane ka motsotso o mong ha a hetla o bona lerole la motorokara oo le thunya moo a fetileng teng e sa le hosasa, athe a eso tshele noka o se o feta o kgile ka lebelo ho yena o bile o mo fahla ka marole. Ha a sheba moo o dikelang teng, a nahana hore na yena o tla fihla neng, o a tepella.
Se mo tepeletsang ke hobane a bona eka kamoo a tsamayang kateng a ke ke a fihla qetellong ya tsela. Ke hore tsela e shebeha eka ha e na moo e fellang teng. Ho ntse ho le jwalo feela ha tsela e le e otlolohileng, eo o fumanang e ntse e otlolohile kapele ho wena ha o hlaha ka tutudu e nngwe le e nngwe. Le tsela e se nang metse mathoko ho yona e jwalo feela, hobane metse ekare e kgaola tsela dikotwana tse ngata mme se seng le se seng motho ha a se utlwe bolelele ha a tsamaya ho sona. Hape hape, dikotwana tsena di a kgothatsa hobane se seng le se seng motho o phakisa a fihle qetellong ya sona.
Le dibukeng ho ntse ho le jwalo feela. Buka e telele haholo e a re tepeletsa le yona. Re ba botswa ho e qala hobane re bona hore qetello ya yona e hole haholo. Se ka mpang sa re kgothatsa ke ha e e-na le dikgaolo tse seng telele haholo, hobane tsona di na le hona ho re thetsa ka ho etsa hore re lebale botelele ba buka, re nahane qalo le qetello ya kgaolo e nngwe le e nngwe.
Hoba qetello ke ntho e hlokehang haholo. Ha di ngata dintho tseo re neng re tla di qala hoja re ne re qala re sa tsebe hore qetello ha e bile ha e hole hakalo.
- Type
- Chapter
- Information
- Pelong ya Ka , pp. 112 - 115Publisher: Wits University PressPrint publication year: 1962