Metswalle
Published online by Cambridge University Press: 20 January 2022
Summary
HO thata ho hloka metswalle. Nka hla ka re, ka dinako tsohle re ntse re ena le metswalle leha mohlomong e ye eke ha e yo ka nako tse ding.
Ngwaneso, ha o hlaha lefatsheng lena o fihla o se o ntse o ena le metswalle e o lebeletseng, e thabang ha o fihla, e didietsang, e tshelang ntatao ka metsi kapa e mo shapang ho beha hore o fihlile.
O a holahola, o a kgasa, o a tsamaya…., ha o kgase o le mong, o kgasa le moshanyana kapa ngwananyana wa ntlo e bapileng le eno, kapa le motswalao. O hlaha mahlo mme o iphumana e se e le metswalle ya hao.
Le a hola kaofela. Le utswa mahe, le thuha difenstere; le utswa diperekisi….le a tshwarwa, le a shapuwa. Nako e ntse e tswela pele. Ka le leng la matsatsi le romelwa sekolong. Le ya teng ka phatla tse benyang, ka meomo e hlatswitsweng, maoto a kutleditsweng, dihempe tse konopetsweng hantle; e, le ona matlapa a hlatswitsweng hantle ao le ilo takaka hodima ona. Le kopana le bana ba bang… .le a ba tlwaela, le a fetoha le ba metswalle Le a hola. Dilemo di a feta. Le feta dihlopha tsa lona Ba bang ba a nyamela, ba falla ba leba metseng e meng. Le ntse le ithuta le tswela pele. Ha le hlokomele hore ha le sa le masea, hore le ntse le hola. Le feta sehlopha sa botshelela mme le lokela ho tswa sekolonyaneng sa lona sekolonyaneng sena seo le se tsebileng nako e telele hakana, sekolonyana sena seo ho sona le tsebileng thabo le nyakallo ya thuto, e, le mathata a yona; sekolonyana sena se le tsebisitseng banna bana ba Modimo ba le rutileng dintho tse ngata, bao kajeno le ba tlohelang hona mona. Kajeno lona metswalle le a arohana. Ngwaneso, le qala ho utlwa ka botlalo bohloko ba lentswe lena: karohano. Ba bang ba ya dikolong; ba bang, bana ba mafutsana, ba arohana le sekolo seo ba se ratang, ba ilo sebetsa. Nako ha e fihla meokgo e a seka ka mahlong. Empa bona bohloko boo bo fokotswa ke sona setswalle se bileng teng. Ekare se a botsa hore na karohano e ka ba teng ho bao e leng metswalle, ho ba nang le dilemo tse monate tseo ba di phetseng mmoho?
- Type
- Chapter
- Information
- Pelong ya Ka , pp. 50 - 54Publisher: Wits University PressPrint publication year: 1962