Ho kganna motorokara
Published online by Cambridge University Press: 20 January 2022
Summary
HA o shebile motho ya tsebang ho kganna motorokara o ka re ke ntho e bonolo haholo ruri. Mme le jwale e bonolo ho ya tsebang. Empa o ka tiisa le hore ho ithuta ho kganna motorokara ho bonolo ho feta ho ithuta ho palama pere. O kganna o dutse fatshe hamonate, hodima botjhobotjhohadi ya setulo, eo o ke keng wa wa ho yona hobane o bile o kwetse mamati, o dutse katlong. Athe pere yona e fapane, o dula hodimo mane o sa thijwa ke letho, o sa qhaneha le ho qhaneha, mohlomong e otile mme mokokotlo wa yona o a o phumola. Ha e qala ho hlehla, e re qhu-qhu-qhu, o qala ho tantsha jwalo ka mokotla hodima yona, o batla ho itshwarella ka ho hong mme o shoba moetse, boshwabotshwere; ha ho thuse letho, o sheba fatshe mane moo o ya ratlana teng; o qala ho tsekela o eso we le ho wa. Athe motorokara wona ha o jwalo.
Ha o jwalo ha o eso tshware lebidi leo. Mohla o le tshwarang o tla pheta e nngwe tshomo, ngwaneso. O tla fumana o hana ho leba pele hantle, o ikonka, o leba kwana le kwana. Le wena o be o bone hore ena ntlo eo o dutseng kahara yona e a tsietsa. O sheba moruti wa hao ya dutseng pela hao (ho sa kganna yena, wena o mpa o mo sothela lebidi feela ho ithuta ho o tsamaisa o otlolohile feela). Ke re o a mo sheba, mme o o bolella a itshehela: “Ke wena ya ntseng a sokaka lebidi lena. Le tshware feela hantle, o tla bona hore ntho ena ya makgowa e tseba ho ikotlolla le ho nkgella tsela ya boyona hoo le moo tsela e thinyang hanyenyane feela ho sa hlokahaleng hore o le thintshe haholo.” Ha o kgolwe, empa o a mamela mme qetellong o elellwa hore ke nnete, nnete eo o neng o sa e elellwa ha o dutse pela moterebedi o mo bohile a kganna.
Kajeno o kamora lebidi, o se o tseba ho tshwara lebidi hantle hore o tsamaye o otlolohile, o sa etsise letahwa.
- Type
- Chapter
- Information
- Pelong ya Ka , pp. 72 - 75Publisher: Wits University PressPrint publication year: 1962